Ka kopo hlokomela: Dipehelo le ditlhoko tsena di fumaneha ka dipuo tsa
SeAfrikaanse, SeZulu, Senyesemane le SeXhosa ha di kotjwa. Letsetsa 0861 466324.
TUMELLANO YA SEKOLOTO bakeng sa thekiso ho latela Karolo ya 93(2) ya Molao wa Naha wa Dikoloto 34 wa 2005
E kenwe dipakeng tsa HomeChoice (Pty) Ltd, NCR no: NCRCP 454,
78 Main Road, Wynberg, 7800, Mohala: 0861 466324
Le
Moreki, jwalo ka ha ho boletswe lehlakoreng le leng la tokomane
ena (Invoese ya lekgetho/Tumellano ya sethathong le Khoteishene.)
Dipehelo tsena ha di balwa mmoho le foromo ya otara, Tumellano ya sethathong le Khoteishene/Invoese ya lekgetho, noutu ya thomelo, disetatemente tsa kgwedi le kgwedi le thekisetso (sena ke dintlha tsohle tse khathalukung ya HomeChoice le dingolwa tse ding tsa mebaraka tse tshwereng kopo ya theko e thehilweng hodima dipehelo le boleng ba ditheko mmoho le boikopanyo bohle ba founu) ("mpho"), di theha tumellano ("tumellano") eo tlasa yona HomeChoice (Pty) Limited ("HomeChoice"), e nehelanang ka thepa ("thepa") jwalo ka ha ho hlalositswe khathalukung ya HomeChoice ho Moreki ("Moreki") eo lebitso la hae ka botlalo le aterese di hlahellang foromong ya otara e buseditsweng ha a otara thepa ("foromo ya otara") kapa, haeba otara e entswe ka founu, invoeseng ya Tumellano ya sethathong le Khoteishene/Invoese ya lekgetho. Moreki o saena le ho amohela dipehelo tsena sebakeng se fanweng foromong ya otara kapa ka founu haeba otara e entswe ka founu kapa pampitshaneng ya thomelo eo Moreki a e saenang ha a amohela thepa ("pampitshana ya thomelo"). Haeba ho etsahala hore Moreki a se itshaenele dipehelo tsena, motho ya saenang jwalo o nkuwa a fumane tumello ya ho saena lebitsong la Moreki, ntle le haeba Moreki a busetsa thepa nakong ya matsatsi a 14 (leshome le metso e mene) kamora thomelo. Ho hloleha ho saena ha ho bontshe ka tsela e iketsang ho se amohelwe ha thepa ke Moreki le/kapa ho se amohelwe ha dipehelo tseo HomeChoice e ka fanang ka sekoloto ho Moreki tlasa tsona. Moreki o tlameha ho bontsha ho se amohele thepa ho jwalo ka ho busetsa thepa ho latela temana ya 1.3 ka tlase mona.
1. Nako ya tumello
1.1 Pele HomeChoice e etsa tekanyo bakeng sa sekoloto se fumanehang ho Moreki, ha ho ntho e tla tlama HomeChoice ho nehelana ho Moreki ka thepa. Haeba HomeChoice e fa Moreki sekoloto mme e nehelana ka thepa eo e tla nehelana ka yona ho Moreki ya ka e amohelang kapa a hana thepa e boletsweng ka tlase temaneng ya 1.2 le 1.3 ka tlase mona.
1.2 Thepa yohle e nehelanweng ke HomeChoice ho Moreki e laolwa ke tumelo ya Moreki. Moreki o na le nako ya matsatsi a 14 (leshome le metso e mene) ho tloha ka letsatsi la kamohelo ya thepa hore a hlahlobe thepa eo mme, haeba e sa kgotsofatse kamohelo ya Moreki ka lebaka lefe kapa lefe, a busetse thepa eo ho latela temana ya 1.3 ka tlase mona e leng moo tumellano ya sekoloto e tla fediswa. Haeba thepa e sa busetswe ke Moreki ho HomeChoice nakong ya matsatsi a 14 (leshome le metso e mene) kamora hore Moreki a e amohele, Moreki o nkuwa ntle le kganyetso a kgethile ho reka thepa eo.
1.3 Thepa e tlameha ho busetswa mmoho le lenane la ho pakwa ho HomeChoice ke Moreki ka pakaneng eo e tlileng ka yona, haeba ho kgoneha, mme e romelwe ka poso e inshorilweng. Diputsetso tsohle di romelwe atereseng ya HOMECHOICE, PRIVATE BAG X28, CAPEMAIL, 8003. DINTHO TSOHLE TSE AMOHETSWENG DI LOKELA HO BUSETSWA (HO KENYELETSWA DIMPHO DIFE KAPA DIFE).
2. Mekgwa ya ditefello
Moreki o tla lefella thepa ka kontane kapa ka dipehelo tse tlwaelehileng tse sekoloto tse fanweng ke HomeChoice, mokgwa wa qetelo e le o mong wa e bontshitsweng thekisetsong. Ho fanwa ha sekoloto sefe kapa sefe ke HomeChoice ho tla etswa ka boikgethelo ba HomeChoice.
3. Dipehelo tsa tefo
3.1 Moo sekoloto se fanweng ke HomeChoice ho Moreki, ditefello tsa kgwedi le kgwedi di tla etswa ka ditjhelete le ka dipalo tsa diinstolemente tse Tumellano ya Sethathong le Khoteishene/Invoese ya lekgetho. Ditjhelete tse seng di lefilwe ke Moreki, mmoho le ditefiso tsa ditjhelete hodima mona mme ditjhelete tse ding tse sa ntseng di kolotwa ke Moreki, di tla bontshwa disetatementeng tsa kgwedi le kgwedi.
3.2 Ditjhelete tsohle tse lefilweng di tla iswa pele tefong ya tswala, kamora mona di lebiswe ditjehong tsa molao kapa pokeletsong ya dikoloto le ditjhelete tse lefilweng bakeng sa ho phethahatsa dipehelo tsena mabapi le thepa efe kapa efe e rekiseditsweng moreki, mme e setseng e tla iswa sekolotong sa motheo se sa ntseng se setse.
3.3 Setifikeiti se fanweng le ho saenwa ke e mong wa balaodi ba HomeChoice se bolelang tjhelete e kolotwang ke Moreki ke bopaki ba motheo ba dinnete tse boletsweng ho sona mme se ka sebediswa ho tshehetsa kopo kapa qoso efe kapa efe lekgotleng.
4. Lethathama la ditefello le ditefello botsona
4.1 Bakeng sa lethathama la ditefello, le tekang sekoloto se fanweng, bokgafetsa ba ditefello, palo ya ditefello le matsatsi a tefello ya pele le tefello ya qetelo, sheba lehlakore le leng la tokomane ena (Tumellano ya sethathong le Khoteishene/Invoese ya lekgetho.)
4.2 Insetolemente ya pele e lefuwang ke Moreki e tla lefuwa pele kapa ka letsatsi le bontshitsweng Tumellanong ya sethathong le Khoteisheneng/Invoese ya lekgetho (lehlakore le leng la tokomane ena) e le ‘Letsatsi la tefello ya pele’.
4.3 Ka ho ipapisa le ditlhoko tsa Molao, ho hloleha ha Moreki ho etsa ditefello tsa di/insetolemente dife kapa dife ka letsatsi le lokelang ho tla fa HomeChoice tokelo ya ho tseka tjhelete yohle ya theko e saletseng mme e kolotwang ntle le tsebiso ho Moreki
5. Ditefiso tsa tsamaiso tsa dikoloto tse saletseng morao
5.1. Haeba Moreki a saletse morao ka ditefello tsa diinsetolemente tsa hae tsa kgwedi le kgwedi mme eba HomeChoice e nka mehato ya ho phethahatsa tumellano ho latela Molao, Moreki o tla lokela ho lefa ditefiso tsohle tsa tsamaiso bakeng sa ho tlolwa ke ditefello le ditjeho tsa ho bokeletswa ha sekoloto tse baketsweng HomeChoice, ho kenyeletswa ditefiso tsa ho batlana le mong'a sekoloto, dikhomishene tsa pokeletso ya sekoloto, ditjeho tsa ramolao le ditjeho tse ding tse baketsweng HomeChoice ka ho phethahatsa tumellano ena (jwalo ka tshebediso ya mehala le mangolo tse yang ho wena), ka ho ipapisa le ditlhoko tsa Molao.
5.2. HomeChoice e ke ke ya bokeletsa kapa ya leka ho bokeletsa ditjhelete tsa ditjeho tse fetang ditjeho tse dumeletsweng ho latela Molao wa Lekgola la Maseterata wa Nmr. 32 of 1944, the Supreme Court Act No. / 32 wa 1944, Molao wa Lekgotla le Phahameng wa Nmr. 59 of 1959 or the Debt Collectors Act No. / 59 wa 1959 kapa Molao wa Babokeletsi ba Dikoloto wa Nmr. 114 or 1998. / 114 wa 1998
6. Thomelo, thuo ya thepa le dikotsi
Ka ho ipapisa le 1.2 ka hodimo mona, thuo ya thepa e tla fetela ho Moreki hanghang ha HomeChoice e amohetse karolo ya tjhelete ya theko, mme Moreki ha a fe HomeChoice sebopeho sefe kapa sefe sa tshireletso ya nnete ya thepa kapa ya boyena ho tshehetsa tjhelete e kolotwang ke Moreki ho HomeChoice nako le nako ho latela dipehelo tsa tumellano ena. Kotsi bakeng sa thepa ena e fetela ho Moreki ha a amohela thepa e rometsweng ho yena. Ntle le haeba ho hlalositswe ka tsela e fapaneng, pampitshana ya thomelo ya thepa e tla ba bopaki ba thomelo.
7. Tiisetso
7.1 Tiisetso ya sehlahiswa (eo dintlha tse mabapi le yona di hlahellang khathalukung ya HomeChoice) e fanwa ke HomeChoice e le tlatsetso ho ditiisetso tsa tokiso tse nkuwang di fanwe ka molao. Moreki ha a na ho ba le ditseko tse ding ho feta mona.
7.2 Moreki o tlameha ho tsebisa HomeChoice mabapi le ho pshatleha kapa dikgaello tse teng thepeng ka tsela ya tsebiso ya mongolo e lokelang ho amohelwa ke HomeChoice nakong ya matsatsi a 14 (leshome le metso e mene) kamora hore Moreki a amohele thepa. Ho hloleha ho etsa jwalo ke kananelo ya hore thepa e amohetsweng ke Moreki e feletse mme e ka tsela e hlokehang.
7.3 Ho sa natswe temana ya 7.2, HomeChoice (dintlha di hlahella khathalukung ya HomeChoice) e kenyeletsa kotsi ya boshodu ba thepa ho tswa lelapeng la Moreki, tshenyo ya thepa ke mollo, kapa tshenyo ya thepa ka lebaka la koduwa ya tlhaho, ha feela ditefello tsa Moreki di kgema le dinako mme Moreki a sa etsa tleleime ho feta makgetlo a mabedi bakeng sa theko ka nngwe. Haeba thepa e lahleha kapa e utsuwa, e utlwa bohloko kapa e senyeha ka ho phethahala mme e sa busetswe ho latela tlhophiso ena ka lebaka lefe kapa lefe, Moreki o tla tswela pele ho lefa tjhelete ya theko e saletseng mmoho le ditjhelete dife kapa dife tse saletseng ho latela tumellano ena.
8. Tefo ya tswala le ditefiso
8.1 Moreki o tla fuwa Tumellano ya sethathong le Khoteishene/Invoese ya lekgetho e nang le tlhahisoleseding e mabapi le ditefello tsa phumantsho ya tjhelete tse boletsweng Molaong. Sekgahla sa tswala se tla tsitsiswa bakeng sa nako ya tumellano ena mme se sebetswa letsatsi le letsatsi le ho eketswa sekolotong sa sehlooho kgwedi e nngwe le e nngwe. Sekgahla sa tswala se tla ba ka moedi wa bonyane ba sekgahla se dumeletsweng ho latela Molao (ka kopo sheba bokapele ba invoese bakeng sa sekgahla sa tswala).
8.2 HomeChoice e na le tokelo ya ho ipuseletsa tswala e hodima thelete efe kapa efe e sa lefuwang ho yona ka letsatsi la kapa pele ho letsatsi la tefo ka sekgahla sa tswala se lefiswang mabapi le tumellano ena, tswala e jwalo e tla sebetswa ho tloha ka letsatsi le lokelang la tefo ho fihlela ka letsatsi leo tefo e entsweng ka lona ("tswala ya ditefello tse saletseng morao").
8.3 Tswala ya ditefello tse saletseng morao (haeba e hlokeha), ditefiso tsa phumantsho ya thelete, Ditefiso tsa thakgolo le ditefiso tsa thomelo di lefiswa thepeng yohle e rekisitsweng ka sekoloto le ho sebetswa ho latela Molao.
8.4 Tefiso ya tshebeletso ya akhaonto ya sekoloto ya kgwedi le kgwedi ya R15 e tla lefiswa. Tefiso ya kgwedi le kgwedi ya tshebeletso e ka phahama ka selemo e seng ho feta 10%. Tsebiso ya mongolo mabapi le phetoho ena e tla fanwa matsatsing a 5 a kgwebo pele ho keketso eo.
8.5 HomeChoice e tla lefiwa tefiso ya tshebeletso ya kgwedi le kgwedi jwalo ka ha bo boletswe khoteisheneng. Ka boikgethelo ba yona, HomeChoice e ka nyahlatsa ditokelo tsa yona tsa ho bokeletsa karolo ya tefiso ya yona ya tshebeletso. Nyahlatso e jwalo ke HomeChoice e ka hlakolwa ke HomeChoice ka nako efe kapa efe mme e ke ke ya baka tebello ya Moreki ya hore nyahlatso e jwalo e ke ke ya hlakolwa kapa hore boleng ba nyahlatso e jwalo bo ke ke ba fetolwa. Haeba Moreki a kenetse tumellano e fetang bonngwe ya sekoloto le HomeChoice, tefiso ena ya kgwedi le kgwedi ya tshebeletso e tla lefiswa feela tumellanong ya sekoloto e sebetsang ya moraorao.
9. Tlameho ya ho hlahisa tulo eo thepa e leng ho yona
Moreki o itlama hore, nakong ya matsatsi a 10 a kgwebo, o tla tsebisa HomeChoice ka mongolo haeba ho ba le phetoho efe kapa efe atereseng ya tulo ya Moreki, atereseng ya tulo eo thepa, e angwang ke tumellano ena, moo thepa e bolokwang teng ka tlwaelo le lebitso la motho ofe kapa ofe e mong eo poloko ya thepa e fetiseditsweng ho yena. Tsebiso ena e ka nehelanwa ka letsoho, ya romelwa ka poso ya rejistara kapa ka imeile. Ho hloleha ha Moreki ho tsebisa HomeChoice ka phetoho e jwalo ya aterese ke tlolo ya molao.
10. Diaterese tsa ho Amohela ditokomane
Diaterese tse boletsweng foromong ya otara le tumellanong ya sethathong le kghoteisheneng bakeng sa Moreki le bakeng sa HomeChoice e tla ba diaterese tseo mangolo a molao le tseo ditsebiso tsohle, ditshebetso, disetatemente le dingollano di tla romelwa ho tsona. Moreki le HomeChoice ba itlama ho tsebisana hanghang ka mongolo mabapi le phetoho efe kapa efe ya aterese mme phetoho ena e tla qala ho sebetsa feela matsatsing a 14 (leshome le metso e mene) kamora tsebiso eo. Tsebiso ena e ka nehelanwa ka letsoho, ya romelwa ka poso kapa lengolo la elektroniki.
11. Tlhahisoleseding le meedi ya sekoloto
Moreki o dumela mona hore HomeChoice e ka ngodisa tlhahisoleseding e mabapi le ka moo Moreki a tshwereng akhaonto ya hae ka teng ho biro ya tlhahisoleseding ya dikoloto, ntle le tsebiso ho Moreki. Tlhahisoleseding e jwalo e ka sebediswa ke bobedi HomeChoice le ditho tse ding tsa biro ya tlhahisoleseding ya dikoloto ho etsa diqeto tse mabapi le dikoloto tse amang Moreki le/kapa ditho tsa lelapa la hae, ho thibela boqhekanyetsi le ho thusa ho sala morao batho ba kolotang.
12. Tshenyo ya tumellano/Tokelo ya HomeChoice ya ho fedisa
tumellano ena
12.1 Haeba Moreki a:
12.1.1 tlolwa ke ditefello tse lokelang ho etswa ka nako e behilweng kapa tefello efe kapa efe e lokelang ho etswa ho latela tumellano ena kapa tshenyo ya pehelo efe kapa efe e nngwe ya tumellano ena; kapa
12.1.2 a hapelwa thepa ka molao;
HomeChoice e ka tlisa ho tlolwa hoo ha ditefello tsebong ya Moreki ka mongolo mme ya hlahisa hore Moreki a ise tumellano ya sekoloto ho moeletsi wa dikoloto, moemedi e mong ya ka thoko wa tharollo ya dikgohlano, lekgotla la bareki kapa monamodi ya nang le matla a molao tabeng eo, ka maikemisetso a hore mahlakore a rarolle kgohlano efe kapa efe tlasa tumellano kapa ba thehe le ho dumellana ka morero wa ho kgemisa ditefello tse mabapi le tumellano ena le dinako.
12.2 Haeba Moreki a saletse morao ka ditefello nako ya matsatsi a bonyane 20 (mashome a mabedi) a kgwebo mme matsatsi a bonyane 10 (leshome) a kgwebo a fetile haesala HomeChoice e romela Moreki tsebiso mme Moreki a sa arabela tsebiso eo, kapa a arabile ka hana ditlhahiso tsa HomeChoice, HomeChoice e ka atamela lekgotla bakeng sa taelo ya ho phethahatsa tumellano;
12.3 Moreki a ka, ka nako efe kapa efe pele HomeChoice e hlakola tumellano ena, busetsa madulong tumellano e saletseng morao ka ho lefa ho HomeChoice ditjhelete tsohle tse saletseng morao, mmoho le ditefiso tse dumeletsweng ho ka etswa ke HomeChoice le ditjeho tse utlwahalang tsa ho phethahatsa tumellano ena ho fihla ka nako ya ho busetswa madulong.
12.4 Haeba Moreki a:
12.4.1 entse polelo kapa tlhaloso efe kapa efe ya bohlokwa e fosahetseng mabapi le tumellano ena kapa maemo a hae a tsa ditjhelete kapa e le radikoloto ya esong ho sokollwe; kapa
12.4.2 a etsa kapa a hlahelwa ke eng kapa eng se tlamehang ho etswa mme se ka behang kotsing ditokelo tsa HomeChoice tlasa tumellano ena;
mona HomeChoice e tla ba le tokelo kgethong ya yona ntle le ho fana ka tsebiso ya sena ho Moreki le ntle le ho beha kotsing ditokelo dife kapa dife tse ding empa ka ho ipapisa le ditlhoko tsa Molao, ho hlakola tumellano ena, ho nka boikarabello ba ho hapa thepa eo le ho e tseka e le ditshenyehelo tse lefilweng, hore a lefe tjhelete e saletseng ditjheleteng tse sa ntseng di kolotwa ho sa natswe hore nako ya tefo ya balanse e jwalo ha eso fihle le ho lokela ho lefuwa ka nako ya ho hlakolwa hoo.
13. Tefo ya sekoloto sohle pele ho nako
13.1 Moreki o na le tokelo ya ho lefa balanse yohle e setseng tlasa tumellano ena ya sekoloto ka nako efe kapa efe, ka ho fana kapa ntle le ho fana ka tsebiso pele a etsa sena ho HomeChoice.
13.2 Haeba Moreki a lakatsa ho lefa balanse yohle e sa ntseng e kolotwa pele ho letsatsi le behilweng la tefo, o tlameha ho kopa HomeChoice ho mo fa palo ya tjhelete e hlokehang ho lefa sekoloto sohle pele ho pheletso ya nako e behilweng, tjhelete ena e sebetswa ka boikgethelo bo utlwahalang ba HomeChoice ho etswe hloko ditefiso dife kapa dife tse boletsweng temaneng ya 8 empa ka ho ipapisa le Molao. Haeba Moreki a etsa qeto ya ho lefa tjhelete eo e boletsweng yohle pele ho nako, o tlameha ho netefatsa hore tefo e jwalo e amohelwa ke HomeChoice pele ho letsatsi le hlahlamang le behilweng la insetolemente.
14. Disetatemente tsa kgwedi le kgwedi
HomeChoice e tla romela Moreki disetatemente tsa kgwedi le kgwedi ka poso kapa ka imeile tse bolelang kakaretso ya tjhelete e lokelang ho lefuwa ke Moreki ka letsatsi le behilweng la ho tswa ha setatemente seo.
15. Ho busetsa thepa lebenkeleng
Moreki a ka fana ka tsebiso ya mongolo ho HomeChoice ya ho fedisa tumellano mme a busetsa thepa eo a e fuweng tlasa tumellano eo sebakeng sa kgwebo sa HomeChoice nakong ya matsatsi a 5 (hlano) a kgwebo kamora letsatsi la ho fana ka tsebiso ya mongolo kapa kahara nako e nngwe e dumellanweng mmoho le HomeChoice. Tjeho ya ho busetsa thepa ho HomeChoice e tla lefuwa ke Moreki. Nakong ya matsatsi a 10 (leshome) a kgwebo kamora hore HomeChoice e amohele tsebiso ya mongolo kapa e amohele thepa, HomeChoice e tla fa Moreki tsebiso ya mongolo ya kakanyo ya boleng ba thepa eo. Ntle le haeba Moreki a saletse morao ka ditefello, jwale a ka hula tsebiso eo hore a fedise tumellano mme a tswele pele ho boloka thepa eo. Tjeho ya ho romela thepa morao ho Moreki e tla jarwa ke Moreki.
Haeba Moreki a saletse morao kapa a sa arabele tsebiso ena, HomeChoice e tlameha ho rekisa thepa eo kapele ka moo ho ka kgonehang ka theko e lokileng ka ho fetisisa e ka fumanehang.
Kamora ho rekisa thepa le ho kenya tjhelete ya thekiso eo akhaontong ya Moreki ho se ho hutswe ditjeho tsa thekiso le ditefiso tse ding tse dumeletsweng, HomeChoice e tla tsebisa Moreki ka mongolo ka boleng bo setseng ba ho phethela ditefello (haeba di sa le teng) mme e laele hore a lefe tjhelete ena. Tswala e lefiswa Moreki ka sekgahla se behilweng bakeng sa tumellano ya sekoloto hodima tjhelete efe kapa efe e saletseng morao e tsekwang ke HomeChoice ho tloha ka letsatsi la tseko ya yona ho fihlela ka letsatsi la tefo. Tumellano ena e fediswa ha tefo ya tjhelete e saletseng mmoho le tswala e entswe.
16. Dikgetho tsa tsa mebaraka
HomeChoice e tla fa/e tla be se ntse e file Moreki monyetla wa ho kgetha efe kapa efe hara dikgetho tse latelang:
- ho ntshwa matsholong a tsa dithekisetso a etswang ka mehala a ka etswang lebitsong la HomeChoice kapa ke yona;
- ho ntshwa mananeng a dithekisetso kapa a bareki a ka rekisetswang kapa a romelwa kantle ke HomeChoice;
- ho ntshwa qhalakanyong efe kapa efe ya bongata ya melaetsa ya diimeile kapa sms.
Moreki o na le tokelo ka nako efe kapa efe ya ho ikopanya le HomeChoice mme a kope hore dikgetho tse kgethilweng ke Moreki di hlophiswe botjha.
17. Ditlhapiso tsa HomeChoice Plus
Ho fihlela moo akhaonto ya Moreki e ka lefuwang ho latela maano a tsa diakhaonto a HomeChoice's, HomeChoice e tshepisa ho hlakola R2 500 ya balanse ya sekoloto haeba Moreki a ka holofalla ruri kapa a shwa.
Ditlhapiso tsa HomeChoice Plus di itshetlehile hodima boemo ba akhaonto ba Moreki mme di ka fetoha ntle le tlhokomediso.
18. Tse akaretsang
Ha ho phetolo ho, phaposo ho, sehlomathiso kapa keketso ho, kapa ho hlakolwa dipehelong le ditlhokong tsena tse nang le matla kapa tse ka phethahatswang ka molao ntle le haeba di hlalositswe ka mongolo ke mahlakore bobedi.
Ha ho tumello e fanweng ke HomeChoice e nkuwang e le nyahlatso ya ditokelo ke HomeChoice bakeng sa ditokelo dife kapa dife tse tumellanong ena. Moreki ha a lokela ho sielana ka ditokelo tsa hae tlasa tumellano ena ntle le tumello ya mongolo e fanweng pele ke HomeChoice.
Moreki o dumela mona matla a molao a lekgotla la maseterata a boahlodi hore le ka ahlola nyewe ya hae mabapi le ditaba tsohle tsa molao tse mabapi le tumellano ena leha eba boleng ba taba e tsekwang bo tlola matla a boahlodi ba lekgotla la maseterata.
HomeChoice ke mofani wa ditshebeletso tsa ditjhelete ya nang le laesense ho latela molao wa FAIS. Tumellano ena e tla laolwa maemong ohle ke molao wa Afrika Borwa. |